Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka selemo sa ho qala sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya pele, a bula mamati a ntlo ya Jehova, mme a a lokisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ka kgwedi ya pele selemong sa pele sa puso ya hae, Hesekiya a bula mamati a Tempele ya Morena, a a lokisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:3
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Akase a bokella mesebetsi ya ntlo ya Modimo, mme a robaka mesebetsi ya ntlo ya Modimo dikoto, a kwala mamati a ntlo ya Jehova, mme a iketsetsa dialetare dikoung tsohle tsa Jerusalema.


Ba qala hlwekiso eo ka tsatsi la pele la kgwedi ya pele; ka letsatsi la boroba meno e le mmedi la kgwedi ba kena mathuleng a Jehova, mme ba halaletsa ntlo ya Jehova ka tshiu tse robileng meno e le mmedi; ba qetella ka letsatsi la leshome le metso e tsheletseng la kgwedi ya pele.


A mema baprista le Balevi, a ba phuthela lepatlelong le ka nqa botjhabatsatsi;


Ba bile ba kwetse mamati a mathule, ba timile dilampi; ha ba ka ba tjhesa dibano, hape ha ba ka ba hlaba ditjheso sehalalelong sa Modimo wa Iseraele.


Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.


Nke ke ka bea letho le lebe pela mahlo a ka; ke ntse ke hloile mesebetsi ya batlodi; e ke ke ya nkgomarela.


Ka tsatsi la ho qala la kgwedi ya pele, o tle o hlome tabernakele ya tente ya pokano.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ