Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Esekiase a laela hore ho hlahiswe setjheso aletareng; motsotsong oo setjheso se qadilweng ka wona, ha qaleha le pina ya Jehova hammoho le diterompeta, di thusana le diletsa tsa Davida, morena wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Hesekiya a laela hore ho etsetswe nyehelo ya setjheso hodima aletare. Ha ba qala ho etsa nyehelo ya setjheso, ha binelwa Morena dipina, ha letswa le diterompeta, le diletsa tse ileng tsa kgethwa ke Davida, kgosi ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:27
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


A etsa morero le setjhaba; yaba o bea dibini tse tla binela Jehova di apere ka bokgabane bo kgethehileng, di eteletse makgotla pele, di re: Bokang Jehova, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!


Jehojada a beela baprista ba Balevi dikabelo tsa mosebetsi wa ntlo ya Jehova, e le bao Davida a neng a ba arotse ho hlabela Jehova ditjheso ka tlung ya Jehova, kamoo ho ngodilweng molaong wa Moshe kateng, ka thabo le ka dipina kamoo Davida a laetseng kateng.


Yaba phutheho yohle e a inama, dibini tsa bina, diterompeta tsa letswa, ho fihlela setjheso ha se phetheha.


Bana ba Iseraele ba neng ba le Jerusalema ba etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso jwaloka tshiu tse supileng, ka thabo e kgolo; Balevi le baprista bona ba nna ba boka Jehova ka letsatsi le letsatsi, ka diletsa tse matla tsa Jehova.


Bana bohle ba Iseraele ba bona mollo le kganya ya Jehova ha di theohela tlung, mme ba inama ba kobotetse fatshe, ba kgumama, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.


Rorisang Jehova, hobane o molemo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ