Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ho latela taelo ya Davida, le ya Gade, senohe sa kgosi, le ya moporofeta Nathane, kgosi Hesekiya a bea Balevi ditulong tsa bona, ka Tempeleng ya Morena, ba nkile matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, hobane hona e ne e le taelo ya Morena, eo a e entseng ka baporofeta ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:25
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida, ha a tsoha hosasa, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Gade, seboni sa Davida,


Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


Yaba Jehova a bolella Gade, seboni sa Davida, a re:


balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona.


A mo nea le setshwantsho sa ntho tsohle tseo a di hopotseng moyeng wa hae bakeng sa mabala a ntlo ya Jehova, le sa dikamore tse sikang le dipolokelo tsa matlotlo a ntlo ya Modimo le tsa matlotlo a sehalalelo,


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,


Ke tsona dibini, dihlooho tsa matlo a bontata Balevi, tse neng di ahile dikamoreng, di se na kabelo esele, kahobane di ne di sebetsa mosebetsi wa tsona motshehare le bosiu.


Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.


Bana ba Iseraele ba neng ba le Jerusalema ba etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso jwaloka tshiu tse supileng, ka thabo e kgolo; Balevi le baprista bona ba nna ba boka Jehova ka letsatsi le letsatsi, ka diletsa tse matla tsa Jehova.


Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse.


A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.


Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa.


Moporofeta Gade a re ho Davida: O se ke wa dula seqhobong: tsamaya, o ye fatsheng la Juda. Davida a tsamaya kahoo, a tla morung wa Herethe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ