Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba baprista ba hlaba dikgomo, ba amohela madi, ba tshollela madi aletareng; ba hlaba le dipheleu, ba tshollela madi a tsona aletareng; ba hlaba le dikonyana, mme ba tshollela madi a tsona aletareng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Yaba ba hlaba dipohwana, baprista ba nka madi a tsona, mme ba foka ka wona hodima aletare. Ka mokgwa o jwalo, ha ba se ba hlabile dipheleu, ba foka hodima aletare ka madi a tsona; ba hlaba le dikonyana, mme ba foka hodima aletare ka madi a tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:22
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha hlajwa Paseka; baprista ba tsholla madi, mme Balevi ba nna ba buha dikonyana.


A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.


madi a mang o tla a bea manakeng a aletare e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e monyako wa tente ya pokano.


Moprista o tla nka ka monwana wa hae madi a mang a nku, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng kaofela a ntoo a a tshollela fatshe aletareng.


Moprista o tla bea madi a mang manakeng a aletare ya dibano tse nkgang hamonate, e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng a poho, o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e emeng pela monyako wa tente ya pokano.


Moshe a e hlaba, mme a tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.


Moshe a atametsa le bara ba Aarone, mme ka madi ao a ba tlotsa ntlha ya tsebe e tona, le monwana o motona wa letsoho le letona, le monwana o motona wa leoto le letona; mme Moshe a tshollela aletareng ka nqa tsohle madi a setseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ