2 Dikronike 29:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)21 Ba tlisa dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e be sehlabelo sa sebe bakeng sa mmuso le sa sehalalelo le sa Juda; mme morena a bolella baprista, bara ba Aarone, hore ba di hlabele aletareng ya Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE21 Ba tlisa dipohwana tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e le nyehelo e tlosang sebe bakeng sa lelapa la kgosi, le bakeng sa Sehalalelo, le bakeng sa setjhaba sa Juda. A laela baprista, e leng bara ba Arone, hore ba etse nyehelo ka tsona hodima aletare ya Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba ba kgoleho ba neng ba kgutlile kgolehong, ba hlabela Modimo wa Iseraele mahlabelo a ditjheso; ha hlabelwa Baiseraele bohle dipoho tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse mashome a robileng mono o le mong a metso e tsheletseng, le dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe; tsohle tsa hlabelwa Jehova ka mokgwa wa ditjheso.
Ka baka leo, ntshang jwale dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka wa ka, Jobo, le hlahise setjheso bakeng sa lona, mme Jobo, mohlanka wa ka, a ke a le rapelle; ke ka baka la hae a nnotshi nke keng ka le otla ka baka la bowatla ba lona; hobane ha le a ka la bolela tsa ka ka ho loka, jwaloka mohlanka wa ka, Jobo.