Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba morena Esekiase o tsohela e sa le hosasa, mme a phutha beng ba motse, mme a nyolohela tlung ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Kgosi Hesekiya a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bitsa babusi bohle ba motse, mme ba nyolohela Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:20
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.


Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.


Salomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba dikete le ba makgolo le baahlodi, le babusisi le mahosana a Baiseraele bohle, le dihlooho tsa matlo a bontata bona.


Hape, re boetse re lokisitse, mme re halaleditse mesebetsi yohle eo morena Akase a neng a e silafaditse, ha a sa busa, mohla a sitelwang Jehova; bona, e pela aletare ya Jehova.


Ba tlisa dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e be sehlabelo sa sebe bakeng sa mmuso le sa sehalalelo le sa Juda; mme morena a bolella baprista, bara ba Aarone, hore ba di hlabele aletareng ya Jehova.


Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Jehova o nnile a roma ho lona bahlanka ba hae kaofela, baporofeta, a ba roma a ntse a tsoha esale hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela, mme le sa ka la sekeha ditsebe tsa lona ho utlwa.


Joshua a boela a tsoha e sa le hosasa, mme baprista ba jara areka ya Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ