Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Baprista ba kena kahare ho ntlo ya Jehova ho e hlwekisa; ba lahlela ntle, lebaleng la ntlo ya Jehova, ditshila tsohle tseo ba di fumaneng tempeleng ya Jehova, mme Balevi ba di nka ho di isa kantle, molatswaneng wa Kedrone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Baprista ba kena ka Tempeleng ya Morena ho ya e hlwekisa. Ditshila tsohle tseo ba di fumaneng ka Tempeleng ya Morena ba di hlekela ka seotlwaneng sa Tempele ya Morena. Balevi ba nka ditshila tsena ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho bohle ba lefatshe ba ne ba ntse ba bokolla, ha setjhaba sohle se ntse se ya pele; morena a ba a tshela molapo wa Kedrone, le setjhaba sohle sa tshela, se nkile tsela e yang feelleng.


Esita le Maaka, mmae, morena Asa a mo ntsha sefumahading, kahobane a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho sa hae, a se sila phofo, mme a se tjhese molatswaneng wa Kedrone.


A ntoo etsa ntlo ya sehalaledisiso; bolelele ba yona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bo lekane le bophara ba ntlo, bophara le bona e le ditswe tse mashome a mabedi; a e maneha ka kgauta e hlwekileng ya ditalenta tse makgolo a tsheletseng;


Ba tloha, ba tlosa dialetare tsa mahlabelo tse Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsa dibano, mme ba di lahlela molatswaneng wa Kedrone.


Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong tsa yona, sehalalelong sa ntlo, sehalaledisisong, tlasa mapheo a dikerubime.


Ka ntoo laela hore dikamore di hlwekiswe, mme ka busetsa teng mesebetsi ya ntlo ya Modimo le dinyehelo le dibano.


Ke tla le ntsha ditshileng tsa lona tsohle, mme ke tla mema koro, ke e atise, ke se ke ka hlola ke le romela tlala;


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle.


Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ