Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa moporofeta wa Jehova o ne a le teng, ya bitswang Odede; a tswela ho ya kgahlanyetsa sera se neng se kgutlela Samaria, mme a re: Bonang, Jehova, Modimo wa bontata lona, ka baka la ho halefela Bajuda, o tswa ba neela matsohong a lona; mme le ba bolaile ka bohale bo ileng ba ya fihla le mahodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Moporofeta wa Modimo o ne a le teng moo, lebitso la hae e le Odede. A ya kgahlanyetsa lebotho le fihlileng Samaria, a re ho lona: “Bonang mona: Kaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ne a halefetse setjhaba sa Juda, o neelane ka sona matsohong a lona. Le se bolaile le halefile haholo, mme kgalefo ya lona e fihlile lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:9
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ba re: Tloong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle.


Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.


Yaba ho fihla moporofeta e mong ho Akabe, morena wa Iseraele, a re: Jehova o re: Na bongata boo bo boholo o bo bone na? Bona, ke ya bo neela matsohong a hao kajeno, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova.


Yaba moporofeta o tla ho morena wa Iseraele, a re ho yena: Iphe matla, o tsebisise, o bontshise seo o se etsang, hobane isao morena wa Siria o tla boya, a o lwantshe.


Eo a re: Jehova o re: Erekaha o tlohetse monna eo ke neng ke mo neetse timelo, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, le setjhaba sa hao se tla ema bakeng sa setjhaba sa hae.


Davida a re ho Gade: Ke tsietswe haholo; a ke mpe ke wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke mpe ke se ke ka wela matsohong a batho.


Yaba Jehova, Modimo wa hae, o mo neela matsohong a morena wa Siria; Basiria ba mo qhala, ba ya le batshwaruwa ba bangata, ba ba isa Damaseka. A neelwa le matsohong a morena wa Iseraele; eo a mo hlola ka polao e kgolo;


ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.


Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng.


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


Tloha, o ye Ninive, motseng o moholo, o o hlabele mokgosi, etswe bokgopo ba wona bo nyolohetse ho nna.


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


Hobane dibe tsa hae di se di kolohane ho ya fihla lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a hae.


Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, mme bana ba Iseraele ba ruwa ke Kushane-Risheathaime ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ