Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Sikri, monna wa senatla wa Efraime, a bolaya Maaseia, mora morena, le Asrikame, modisa wa ntlo ya morena, le Elkana ya neng a balwa e le wa bobedi kamora morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Sikeri, mohale wa ba morabe wa Efraime, a bolaya Maasiya, mora wa kgosi, le Asarikama, mookamedi wa ntlo ya kgosi, le Elekana, letsoho la kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:7
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mo dudisa koloing e hlahlamang ya hae, mme ha hoeletswa kapele ho yena, ha thwe: Inamang! mme a mmea hodima lefatshe lohle la Egepeta.


Le nkeng le tjhelete e nngwe hape matsohong a lona, le tjhelete e kgutliseditsweng melomong ya mekotla ya lona le e kgutliseng; ekaba e ne e le kgakang.


Yaba banna bao ba nka nyehelo eo, ba nka le tjhelete e nngwe hape matsohong a bona, ba nka le Benjamine, ba tloha, ba ya Egepeta, ba hlaha pela Josefa.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Bana ba Iseraele ba nka batshwaruwa ba dikete tse makgolo a mabedi ho banababo bona, e le basadi, le bara le baradi; ba hapa le kgapo e kgolo ya bona, mme ba isa kgapo Samaria.


Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ