Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Peka, mora wa Remaleya, a bolaya ba setjhaba sa Juda ba dikete tse lekgolo le mashome a mabedi ka letsatsi le le leng feela. Bana bohle e ne e le bahale. Ba bolawa kahobane setjhaba sa Juda se ne se furaletse Morena Modimo wa bo-ntata sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:6
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Peka, mora Remalia, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi.


Tshiung tseo, Jehova a qala ho romela Juda Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, ho lwantsha Juda.


Yaba Retsine, morena wa Siria, le Peka mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, ba thibella Akase teng, ba mpa ba sitwa ho mo hlola.


Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Leha ho le jwalo, Baedomo ba fetohela Juda ho fihlela tsatsi lena. Mehleng yona eo, mose wa Libna le wona wa mo fetohela, kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Sikri, monna wa senatla wa Efraime, a bolaya Maaseia, mora morena, le Asrikame, modisa wa ntlo ya morena, le Elkana ya neng a balwa e le wa bobedi kamora morena.


Hobane ba o furaletse, mme ha ba ka ba hlokomela ditsela tsa wona;


empa ba bolotsana ba timela, mme ditloholo tsa ba babe di a fediswa.


Empa bahanyetsi le baetsadibe ba tla thuhwa hammoho, ba kwenehetseng Jehova ba ya timela.


Banna ba hao ba tla dihuwa ke lerumo, bahale ba hao ba ya fela ntweng.


Mehleng ya Akase, mora Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitwa ho o thibella.


Motse wa moreneng wa Efraime ke Samaria, mme hlooho ya Samaria ke mora Remalia. Ha le sa dumele, ruri le ke ke la tiya.


Manasse o ja Efraime, Efraime o ja Manasse, ba ntoo kopana hammoho ho ja Juda. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


ke mohla bokgopo ba hao bo neng bo eso ho hlanolwe, jwalokaha ho kile ha eba teng mohla o nyefolwang ke baradi ba Siria le bohle ba ba teetseng hare, le ke baradi ba Bafilesta ba neng ba o hlapaola ka nqa tsohle.


Empa ekare ha o sa utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme ha o sa itise ho boloka ditaelo tsa hae tsohle, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, dithohako tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


mme o itse: Ke tla ba patela sefahleho sa ka, mme ke tla bona qetello ya bona hore na e tla ba eng? Hobane ke mofuta o kgelohileng, ke bana ba ke keng ba tshepjwa.


Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.


Ha le ka furalla Jehova, la sebeletsa medimo esele, le yena o tla le furalla, a le senye, a le timetse, leha a se a nnile a le etsa hantle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ