Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Jehova, Modimo wa hae, o mo neela matsohong a morena wa Siria; Basiria ba mo qhala, ba ya le batshwaruwa ba bangata, ba ba isa Damaseka. A neelwa le matsohong a morena wa Iseraele; eo a mo hlola ka polao e kgolo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ka lebaka lena, Morena Modimo wa hae, a neelana ka Akase matsohong a kgosi ya Arame. Kgosi ena ya mo hlola, mme ya thopa letshwelehadi la setjhaba sa Juda, ya le isa Damaseka. Hape ha neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Iseraele, e ileng ya mo hlola, bahlabani ba hae ya ba etsa mofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:5
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha sera sa Siria se ne se tlile e le sa batho ba seng bakae, leha ho le jwalo, Jehova a neela sera se seholo haholo matsohong a sona, kahobane Bajuda ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona; ha ho le jwalo, Basiria ba phetha dikahlolo hodima Joase.


Mme bonang, ka baka leo, bontata rona ba nnile ba dihuwa ke lerumo, mme bara ba rona le baradi ba rona le basadi ba rona ba kgolehong.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


Jehova a laela hore morena wa Bakalde a ba futuhela; a bolaya bahlanka ba bona ka lerumo, ka tlung ya sehalalelo sa bona, mme ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le morwetsana, kapa leqheku, kapa motho ya moriri o moputswa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona.


Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae.


Mehleng ya Akase, mora Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitwa ho o thibella.


A re futuheleng Juda, re thibelle, re ikgapele motse, re bee mora Tabeele morena wa teng.


ke mohla bokgopo ba hao bo neng bo eso ho hlanolwe, jwalokaha ho kile ha eba teng mohla o nyefolwang ke baradi ba Siria le bohle ba ba teetseng hare, le ke baradi ba Bafilesta ba neng ba o hlapaola ka nqa tsohle.


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ