Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba Akase o orohela ho bontatae, mme a patwa motseng wa Jerusalema; empa ha a ka a tliswa mabitleng a marena a Iseraele; mme Esekiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Akase a shwa, mme ba mo epela motseng wa Jerusalema. Empa ba se ke ba mo epela mabitleng a dikgosi tsa Iseraele. Hesekiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:27
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Akase a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida; mme Esekiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ka selemo sa boraro sa Osea, mora Ela, morena wa Iseraele, Esekiase, mora Akase, morena wa Juda, a qala ho busa.


Jorame o ne a na le banababo, bara ba Josafate: boAsaria, le Jehiele, le Sakaria, le Asaria, le Mikaele, le Shefathia; kaofela ha bona e ne e le bara ba Josafate, morena wa Iseraele.


O ne a le dilemo tse mashome a meraro a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robileng meno e le mmedi a le Jerusalema. A ikela a sa llelwe ke motho, mme a patwa motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a marena.


Eitse hobane ba tlohe ho yena, ba mo siile bohlokong bo boholo, bahlanka ba hae ba mo fetohela ka baka la madi a bara ba moprista Jehojada; yaba ba mmolaela diphateng tsa hae, a shwa. A patwa motseng wa Davida, ba mpa ba se ke ba mo pata mabitleng a marena.


Osiase a orohela ho bontatae, mme a patwa ho bontatae serapeng sa mabitla a marena, hobane ho ne ho thwe: Ke molepera. Mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Esekiase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Abija, moradi wa Sakaria.


Manasse a orohela ho bontatae, a patwa ka tlung ya hae, mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.


Ka selemo seo Akase a shweleng ka sona, ha bolelwa boporofeta bona, ha thwe:


Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ