Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hape, motseng o mong le o mong wa Juda, a etsa dinqalo tse diphahameng, hore a tjhesetse medimo esele dibano; mme kahoo a halefisa Jehova, Modimo wa bontatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Metseng yohle ya naha ya Juda a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hore ho tjhesetswe medimo ena mokubetso ho tsona, mme ka hona a halefisa Morena Modimo wa bo-ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:25
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.


Akase a bokella mesebetsi ya ntlo ya Modimo, mme a robaka mesebetsi ya ntlo ya Modimo dikoto, a kwala mamati a ntlo ya Jehova, mme a iketsetsa dialetare dikoung tsohle tsa Jerusalema.


Haele ditaba tse ding tsa hae, le metsamao yohle ya hae, ya ho qala le ya ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le a Iseraele.


A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.


Hape, a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa le dibano dinqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Ka selemo seo Akase a shweleng ka sona, ha bolelwa boporofeta bona, ha thwe:


Hobane wena Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao; palo ya dialetare tse dihlong, e leng dialetare tsa ho tjhesetsa Baale dibano, e lekana palo ya diterata tsa Jerusalema.


Hobane Jehova wa makgotla, ya neng a o hlomile, o hlile a laela bobe bakeng sa hao, ka baka la bolotsana ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, boo ba bo entseng, ba tle ba nkgalefise ka ho tjhesetsa Baale dibano.


o bile o ikgahetse meaho e didikwadikwe, o iketseditse dinqalo tse diphahameng mapatlelong wohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ