Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 a mpa a tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, a ba a etsetsa boBaale ditshwantsho tse tsholotsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele; a etsa medimo ya bohata ya bo-Baale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:2
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nna a tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, jwalokaha ho ne ho tsamaile ntlo ya Akabe, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe pela mahlo a Jehova.


A boela a tsosa dinqalo tse diphahameng tse neng di qhaqhilwe ke Esekiase ntatae; a hahela boBaale dialetare, a etsa le diashera; a kgumamela makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


O se ke wa iketsetsa modimo o tsholotsweng ka tshepe.


Lefatshe la bona le tletse ditshwantsho, ba kgumama pela mesebetsi ya matsoho a bona, e sebeditsweng ka menwana ya bona.


Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.


Ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng, kgohlong ya mora Hinnome, ba tle ba tjhesetse Moloke bara ba bona le baradi ba bona teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka, hore ba nne ba etse manyala a jwalo ho sitisa Juda.


Ke tla mo kgalemela ka baka la matsatsi a boBaale ao a ba tjheseditseng dibano ka wona, a bileng a latela dinyatsi tsa hae, a ikgabisitse ka lesale le ka sefaha, athe nna a ntebala, ho bolela Jehova.


Ke tla tlosa mabitso a boBaale molomong wa hae, hore mabitso a bona a se ke a hlola a bolelwa.


Le se ke la rapela medimo ya lefeela, mme le se ke la iketsetsa medimo ya ditshwantsho. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Hona hohle ho tla estahala ka baka la bokwenehi ba Jakobo, le ka baka la dibe tsa ntlo ya Iseraele. Bokwenehi ba Jakobo keng? Na hase Samaria? Le nqalo tse diphahameng tsa Juda ke dife? Na hase Jerusalema?


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ba sebeletsa boBaale.


Ba furalla Jehova, mme ba sebeletsa Baale le boAshtarothe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ