Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 ba re ho bona: Le ke ke la tlisa batshwaruwa bano mona, hobane le hopotse taba e tla re jarisa molato pela Jehova, le ho ekeletsa dibe tsa rona le molato wa rona; ruri, molato wa rona o se o le moholo, mme bohale ba Jehova bo tuketse Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 ba re ho bona: “Le ke ke la tlisa bathopuwa bana mona! Ere re se ntse re sitetswe Morena, jwale le batla ho eketsa dibe tsa rona le melato ya rona! Tshito ya rona e kgolo, mme Baiseraele ba halefetswe ka kgalefo e tshabehang!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba furalla ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata bona, ba sebeletsa diashera le ditshwantsho; mme Jehova a halefela Juda le Jerusalema, kahobane ba ikentse molato kahoo.


Banna ba bang ba dihlooho tsa bana ba Efraime, boAsaria, mora Johanane, le Berekia, mora Meshillemothe, le Esekiase, mora Shallume, le Amasa, mora Hadlai, ba phahamela ba kgutlang ntweng,


Yaba banna ba hlometseng ba siya batshwaruwa le kgapo pela dihlooho le pela phutheho kaofela.


Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.


madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.


Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,


Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ