Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Banna ba bang ba dihlooho tsa bana ba Efraime, boAsaria, mora Johanane, le Berekia, mora Meshillemothe, le Esekiase, mora Shallume, le Amasa, mora Hadlai, ba phahamela ba kgutlang ntweng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ba bang ba dihlooho tsa bana ba Iseraele, e leng bo-Asariya, mora wa Johanane, le Berekiya, mora wa Meshilemote, le Jehesekiya, mora wa Shalome, le Amasa, mora wa Hadelai, ba bolella ba tswang ntweng sefahlamahlo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:12
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.


Oho, jwale, nkutlweng, mme le kgutlise batshwaruwa bao le ba tlisitseng le ba tshwere hara banababo lona; hobane bohale ba Jehova bo le tuketse.


ba re ho bona: Le ke ke la tlisa batshwaruwa bano mona, hobane le hopotse taba e tla re jarisa molato pela Jehova, le ho ekeletsa dibe tsa rona le molato wa rona; ruri, molato wa rona o se o le moholo, mme bohale ba Jehova bo tuketse Iseraele.


Banna ba tswa thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka batshwaruwa, mme ka ntho tsa kgapo ba apesa bohle ba bona ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba nea ho ja le ho nwa, ba ba tlotsa; ba palamisa bohle ba kgathetseng diesele, mme ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho banababo bona; ba ntoo kgutlela Samaria.


ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ