Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 27:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jothame o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema; bitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Tsadoke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Jotame o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 27:1
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mora wa hae ke Amatsia, mora wa hae ke Asaria, mora wa hae ke Jothame,


Morena Osiase ya eba molepera ho isa tsatsing la ho shwa ha hae; mme a nna a dula tlung e kathoko, e le molepera; hobane a ne a lelekilwe tlung ya Jehova. Mme Jothame, mora hae, o ne a laela tlung ya morena, a ntse a ahlola setjhaba sa naha ya Juda.


Osiase a orohela ho bontatae, mme a patwa ho bontatae serapeng sa mabitla a marena, hobane ho ne ho thwe: Ke molepera. Mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema.


Tshenolo ya Esaia, mora Amotse, eo a e senoletsweng hodima Juda le Jerusalema, mehleng ya Osiase, le ya Jothame, le ya Akase, le ya Esekiase, marena a Juda:


Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.


Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Mikea wa Moreshethe, mehleng ya Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, e leng tseo a di boneng hodima Samaria le Jerusalema:


Osiase a tswala Jothame; Jothame a tswala Akase; Akase a tswala Esekiase;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ