Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hape, Osiase a haha ditora Jerusalema monyakong wa Kou le monyakong wa Kgohlo, le moo lerako le kgutlang teng, mme a di tiisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ho feta mona, Usiya a haha ditora Jerusalema, Kgorong e Hukung, le Kgorong e ka Kgohlong, le moo lerako le fellang teng, mme a di haheletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:9
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Akasia, a tshwarwa ke Joase, morena wa Iseraele, Bethe-Shemeshe. Joase a ba a tla Jerusalema, a etsa sekgeo lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou, motopo wa sona e le ditswe tse makgolo a mane.


Joase, morena wa Iseraele, a tshwara Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Joakase, Bethe-Shemeshe, mme a ya le yena Jerusalema; teng a etsa sekgeo se ditswe tse makgolo a mane lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou.


Ka tswa bosiu ka monyako wa Sekgutlo, ka leba nqa sedibeng sa Drakone le nqa monyako wa Moitedi; ka qamaka marako a Jerusalema kamoo a leng dikgeo kateng, le mamati a teng kamoo a dutseng a tjhele kateng.


Hape, bosiung bona boo, ka nyolosa molapo, ke ntse ke qamaka lerako, ka ntoo kgutla, ka kena ka monyako wa Sekgutlo; ka boya jwalo.


Monyako wa Sekgutlo wona wa lokiswa ke Hanune le ba ahileng Sanowa; ba o haha, mme ba kenya mamati a wona le dinotlolo le makwallo; ba etsa ditswe tse sekete tsa lerako, ho ya fihla monyakong wa Moitedi.


Kapele ho eo Binnui, mora Henadade, a lokisa sekoto se seng, ho tloha tlung ya Asaria, ho ya fihla koung le sekgutlong.


Mahareng a kamore e phahameng ya kou le monyako wa Dinku, ha lokisa ditei tsa kgauta le bahwebi.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao motse o tlang ho hahelwa Jehova ka wona, ho nka toreng ya Hananeele ho isa monyakong wa Kou.


Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ