Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Baamone ba thella Usiya. Lebitso la hae la tuma ho ya fihla meeding ya Egepeta, kahobane o ne a ile a imatlafatsa haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


E monyenyane le yena a tswala mora, a mo rea lebitso la Ben-Ammi; ke yena ntata bana ba Ammone le kajeno.


Davida a iketsetsa lebitso le leholo, ha a kgutla polaong ya Basiria, Thoteng ya Letswai, a bolaile batho ba dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi.


A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.


A feta batho bohle ka bohlale, a feta le Ethane wa Esra, le Hemane, le Kalkole, le Darda, bara ba Mahole; mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tse kamathoko.


Botumo ba Davida ba hasana naheng tsohle, mme Jehova a mo etsa ya tshajwang ke ditjhaba tsohle.


Esita le Bafilesta ba bang ba tlisetsa Josafate dinyehelo le ditjhelete tsa lekgetho; le Baarabe ba mo tlisetsa dinku, e le dipheleu tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng le diphooko tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng.


Kamora tseo, bana ba Moabe le bana ba Ammone ba ena le Bamaone ba bang, ba futuhela Josafate.


Hape, Osiase a haha ditora Jerusalema monyakong wa Kou le monyakong wa Kgohlo, le moo lerako le kgutlang teng, mme a di tiisa.


A lwana le morena wa bana ba Ammone, a ba hlola. Ka selemo seo, bana ba Ammone ba mo ntshetsa lekgolo la ditalenta tsa silefera, le dikore tse dikete tse leshome tsa koro, le tse dikete tse leshome tsa harese; bana ba Ammone ba boela ba mo ntshetsa hakalo ka selemo sa bobedi le ka sa boraro.


Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


mme o tla atamela pela bana ba Ammone. O se ke wa ba qala, mme o se ke wa ba lwantsha; hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bana ba Ammone; hobane ke e neile bana ba Lota hore e be lefa la bona.


Mohlang oo, Nahashe, Moammone, a tla thibella Jabeshe-Gileade; banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: Hlaba selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ