Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mme Modimo wa mo tlatsa ho lwantsha Bafilesta le Baarabe ba ahileng Gure-Baale, le Bamaone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Modimo a mo thusa ho hlola Bafilesita, le ho hlola Maarabia a neng a ahile Gure-Baale, a ba a hlola le Bameune.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


Bao ba tswang ho thonngwa ka mabitso a bona ba ne ba tlile moo mehleng ya Esekiase, morena wa Juda; ba ne ba timeditse ditente tsa bona, le Bameunime, mme ba ba neela anathema; le kajeno ho ntse ho le jwalo; ba aha tulong tsa bona; hobane teng ho ne ho na le makgulo a mehlape ya bona.


Ba ya ba tlatsitswe, mme Bahagarene ba neelwa matsohong a bona, le bohle bao ba neng ba na le bona; hobane bao ba ne ba howeleditse ho Modimo ba le ntweng, mme wa ba utlwa, ke hobane ba ne ba beile tshepo ya bona ho wona.


Ha fela ha bolawa ba bangata, hobane ntwa e ne e le ya Modimo. Mme ba aha tulong tsa bona ho fihlela mohla kgoleho.


Asa a tswela ho mo kgahlanyetsa; mme ba hlopholla dintwa tsa bona sekgutlong sa Tsefata, haufi le Maresha.


Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.


Esita le Bafilesta ba bang ba tlisetsa Josafate dinyehelo le ditjhelete tsa lekgetho; le Baarabe ba mo tlisetsa dinku, e le dipheleu tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng le diphooko tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng.


Kamora tseo, bana ba Moabe le bana ba Ammone ba ena le Bamaone ba bang, ba futuhela Josafate.


Yaba Jehova o tsosetsa Jorame pelo tsa Bafilesta le tsa Baarabe ba ahileng pela Baethiopia.


Ha o ka ya le bona, leha o ka etsa ketso tse matla ntweng, Modimo o tla o diha pela dira, hobane Modimo o na le matla a ho tlasa le a ho diha.


Ka wena nka nehella lekgotleng la dira, ka Modimo wa ka nka tlola lerako.


Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.


Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ