Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Osiase o ne a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Jekolia wa Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Usiya o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng ha a qala ho busa. A busa ka lemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jekoleya, eo ha habo e neng e le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:3
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya kileng a tsosa Elothe, a o busetsa ho Juda; ke ha morena ntatae a se a orohetse ho bontatae.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Amatsia ntatae kateng.


Tshenolo ya Esaia, mora Amotse, eo a e senoletsweng hodima Juda le Jerusalema, mehleng ya Osiase, le ya Jothame, le ya Akase, le ya Esekiase, marena a Juda:


Ka selemo sa ho shwa ha morena Osiase, ka bona Jehova a dutse teroneng e kgolo, e phahameng; mophetho wa seaparo sa hae wa tlala tempele.


Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.


Ke wona mantswe a Amose, e mong wa badisa ba Tekowa, e leng ditaba tseo a di boneng bakeng sa Iseraele, mehleng ya Osiase, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, ha ho sa tla feta dilemo tse pedi, ho ntoo ba tshisinyeho ya lefatshe.


Le tla baleha ka kgohlo ya dithaba tsa ka, hobane kgohlo ya dithaba tseo e tla fihla Atsele; le balehe jwaloka mohla le balehileng ka baka la tshisinyeho ya lefatshe, mehleng ya Osiase, morena wa Juda. Mme Jehova, Modimo wa ka, o tla tla, a ena le bahalaledi kaofela!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ