Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Haele ditaba tse ding tsa Osiase, tsa ho qala le tsa ho qetella, di ngodilwe ke Esaia, mora Amotse, moporofeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Diketso tse ding tsa Usiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe ke moporofeta Esaya, mora wa Amose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:22
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, a romela Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ba ikapesitse ka masela a mahwashe, ho moporofeta Esaia, mora Amose.


Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.


Ditaba tse ding tsa Amatsia, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele?


Osiase a orohela ho bontatae, mme a patwa ho bontatae serapeng sa mabitla a marena, hobane ho ne ho thwe: Ke molepera. Mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Haele ditaba tse ding tsa Esekiase, le diketso tsa hae tsa borapedi, bonang, di ngodilwe bukeng ya pono ya Esaia, mora Amotse, moporofeta, bukeng ya marena a Juda le Iseraele.


Haele taba tse ding tsa Salomone, tsa ho qala ho isa ho tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya Nathane moporofeta, le ho ya boporofeta ba Akija wa Silo, le tshenolong ya seboni Iddo bakeng sa Jeroboame, mora Nebathe?


Tshenolo ya Esaia, mora Amotse, eo a e senoletsweng hodima Juda le Jerusalema, mehleng ya Osiase, le ya Jothame, le ya Akase, le ya Esekiase, marena a Juda:


Ka selemo sa ho shwa ha morena Osiase, ka bona Jehova a dutse teroneng e kgolo, e phahameng; mophetho wa seaparo sa hae wa tlala tempele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ