Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Morena Osiase ya eba molepera ho isa tsatsing la ho shwa ha hae; mme a nna a dula tlung e kathoko, e le molepera; hobane a ne a lelekilwe tlung ya Jehova. Mme Jothame, mora hae, o ne a laela tlung ya morena, a ntse a ahlola setjhaba sa naha ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Kgosi Usiya ya eba molepera ho fihlela a eshwa. A phela a le inotshi tlung e kathoko, hobane o ne a ke ke a hlola a kena ka Tempeleng ya Morena. Jotame, mora wa hae, ya eba yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a busa setjhaba sa naha eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:21
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha bo ho le banna ba balepera ba le bane pela kgoro ya motse; ba bolellana, ba re: Na re tla dula moo, re be re shwe na?


Asaria, moprista e moholo, le baprista bohle ha ba mo tadima, ba bona a ena le lepera phatleng; yaba ba mo ntsha kapele, le yena a phakisa ho tswa, kahobane Jehova a mo otlile.


Jothame o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema; bitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Tsadoke.


O tla ba le sesila mehleng yohle eo a nang le bohloko boo; o sesila, mme o tla aha a nnotshi: boaho ba hae bo tla ba kantle ho diahelo.


Ya itlhatswang a hlatswe diaparo tsa hae, a beole mohwete wa hae kaofela, a ntoo itlhatswa ka metsi, mme etlaba o hlwekile; ke hona a tla lokela ho boela a kgutlela diahelong; empa o tla tshwanela ho dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.


Yaba Miriame o kwallwa kantle ho diahelo matsatsi a supileng; mme setjhaba ha se a ka sa tloha, Miriame a eso ho boele teng.


Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ba ntshetsa kantle ho diahelo. Kamoo Jehova a neng a buile le Moshe kateng, Baiseraele ba etsa jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ