Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa Osiase a halefa; letsohong la hae o ne a tshwere pitsa ya ho tjhesa dibano. A re a sa halefetse baprista, lepera la hlaha phatleng ya hae pontsheng ya baprista, a le ka tlung ya Jehova, pela aletare ya dibano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Usiya, ya neng a ntse a tshwere pitsana ya ho tjhesa mokubetso, a halefa haholo. Yare a sa ntsane a halefetse baprista jwalo, a tswa lepera phatleng, a le kapele ho baprista, ka Tempeleng ya Morena, pela aletare ya mokubetso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:19
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, ha a kgutlile Damaseka, a bona aletare; mme morena a atamela pela aletare, a hlaba mahlabelo hodima yona.


Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.


A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


Asaria, moprista e moholo, le baprista bohle ha ba mo tadima, ba bona a ena le lepera phatleng; yaba ba mo ntsha kapele, le yena a phakisa ho tswa, kahobane Jehova a mo otlile.


Moprista o tla mo tadimisisa. Ha kokobalo e tshweu e le teng letlalong, e sweufaditseng mohwete, mme hodima kokobalo eo ho bonahala nama e petohileng,


Leru la tloha tenteng; mme hanghang, Miriame ya eba molepera, a ba mosuwana jwaloka lehlwa; Aarone ha a retelehela ho Miriame, a mmona hoba ke molepera.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ