Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hape, a etsa Jerusalema dibetsa tse qapilweng ke monna ya masene, tse bewang ditoreng le dikoung, ho betsa ka metsu le ka majwe a maholohadi. Botumo ba hae ba hasana hole, hobane a nna a tlatswa ka mokgwa o makatsang, ho fihlela a ba a ipha matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Mane Jerusalema a etsa metjhine e qapilweng ke banna ba hlalefileng, eo ho betswang metsu le dikakawehadi tsa majwe ka yona. E ne e beilwe hodima ditora le hodima marako a motse. Lebitso la hae la tuma hohle, mme a fumana dithuso tse makatsang, ho fihlela a matlafala haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:15
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke mora mosadi wa baradi ba Dane, ntatae e mpa e ne e le motho wa Tire. O tseba ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le majwe, le difate, le sekarelata, le purepera, le lene e ntle, le vermilione; le ho betla ka mekgwa yohle, le ho qapa ditshwantsho tse mefutafuta kamoo ho ka batlwang ho yena kateng. O tla tlatsana le banna ba hao ba masene le banna ba masene ba ntatao Davida, monga ka.


Ha ho le jwalo, nthomele monna ya masene a ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le sekarelata, le vermilione, le purepera, ya tsebang le ho betla mebetlo yohle, a tle a tlatsane le banna ba masene bao ke nang le bona Juda le Jerusalema, ba seng ba ne ba kgethwe ke ntate Davida.


Osiase o ne a lokiseditse makgotla dithebe, le marumo, le diheleme, le ditshireletso tsa difuba, le diqha le matjeketjane.


Empa eitse hobane a iphe matla, pelo ya hae ya ikakasa ho fihlela a ba a etsa sebe, a sitelwa Jehova, Modimo wa hae; hobane a kena tempeleng ya Jehova a tle a tjhese dibano aletareng ya dibano.


leha e le ho qapa e meng, ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo,


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Bonang ditjhabeng, le tadime, le be le makale, le re tsi! hobane mehleng ya lona, ke tla etsa mosebetsi! Le ke ke la o dumela, leha le ka o bolellwa.


Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


Empa difate tseo le tsebang hobane ha se tse behang dijo, o ka di senya wa di rema, mme ka tsona wa haha mesebetsi ya ho thibella motse o nang le ntwa le wena o be o kenwe ke wena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ