2 Dikronike 26:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)13 Tsamaisong ya bona ho ne ho na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a metso e supileng tse nang le makgolo a mahlano, ba neng ba futuha ka matla le bohale ba tlatsa morena ho lwantsha dira. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE13 Baokamedi ba ne ba laola lebotho le matla la bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano. Ba ne ba ka futuha ka matla a tshabehang ho thusetsa kgosi ho dira tsa yona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Asa o ne a na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a Bajuda, ba hlometseng thebe e kgolo le lerumo, le se seng sa batho ba dikete tse makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a Babenjamine, ba hlometseng thejana, ba fulang le ka seqha; batho bao kaofela e ne e le bahlabani ba bohale.
Amatsia a phutha Bajuda, mme a ba lokisa ka matlo a bontata bona, a bea balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo hodima Juda le Benjamine kaofela; a bala palo ya ba nang le dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, mme a fihlela banna ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mararo, ba loketseng ntwa, ba tshwereng lerumo le thebe.