Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 A haha ditora tse ding lehwatateng. A tjheka didiba tse ngata, hobane o ne a ena le mehlape ya diphoofolo diphuleng le dithoteng. O ne a ena le bahlanka ba lemang masimo, le a lemang difate tsa morara dithabeng le Karamele. O ne a rata temo haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:10
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ka makoloi a ka a mangata, ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Libanone; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


Mesha, morena wa Moabe, o ne a ruile mehlape ya dinku; o ne a ntse a ntshetsa morena wa Iseraele lekgetho la dikonyana tse dikete tse lekgolo, le la dipheleu tse dikete tse lekgolo, ka boya ba tsona.


Josafate a ya a ntse a hola, a ba a phahama haholo. A haha diqhobosheane le metse ya mediko naheng ya Juda.


Ha etswa mesebetsi ya ntwa e mengata metseng ya Juda, le bahlabani ba bahale ba eba bangata Jerusalema.


Osiase o ne a na le makgotla a futuhang, a yang ntweng ka dihlopha, ka palo ya wona e neng e entswe ke Jeiele mongodi le Maaseia mohlahlobi; a ne a laolwa ke Hanania, molaodi e mong wa morena.


A ikgahela le metse, le ho ipatlela mehlape e mengata ya makgomo le ya manku; hobane Modimo o ne o mo file maruo a maholo haholo.


Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.


Bonang, ho se ho se hokae, mme Lebanone o tla fetoha tshimo ya difate tse behang; haele tshimo, e tla balwa ka ho re ke moru.


Ra nka metse yohle e lehwatateng, le naha yohle ya Gileade, le ya Bashane, ho ya fihla Salka le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane.


Samuele a tsohela hosasa ho ya kopana le Saule; Samuele a tsebiswa, ha thwe: Saule o ile Karmele; bona, o ikemiseditse seemahale sa kgopotso, a ntoo tloha, a feta, a theohela Gilgale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ