Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Amatsia a phutha Bajuda, mme a ba lokisa ka matlo a bontata bona, a bea balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo hodima Juda le Benjamine kaofela; a bala palo ya ba nang le dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, mme a fihlela banna ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mararo, ba loketseng ntwa, ba tshwereng lerumo le thebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Amasiya a kgobokanya setjhaba sa Juda kaofela. Hara ba morabe wohle wa Juda, le wa Benjamine, a kgetha balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. A ba bala ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, mme kaofela ya eba mokgetho wa bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, e le banna ba ka yang ntweng, ba ka lwanang ka thebe le lerumo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:5
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o etsa morero le balaodi ba dikete le ba makgolo, e le mahosana wohle a setjhaba.


Bana ke bana ba Iseraele ka palo ya bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le bahlahlobi ba bona, ba neng ba sebeletsa morena tabeng tsohle tsa dihlopha, kamoo di neng di tshwanetse ho kena le ho tswa mosebetsing kateng, ka kgwedi e nngwe le e nngwe, kgweding tsohle tsa selemo; hlopha se seng le se seng e ne e le sa batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Roboame eitse hobane a fihle Jerusalema, a phutha ntlo ya Juda le Benjamine, ya eba banna ba dikete tse lekgolo le mashome a robileng meno e le mmedi, banna ba lokelang ho lwana, a tle a futuhele Iseraele, hore mmuso kaofela o busetswe ho Roboame.


A re ho Bajuda: A re haheng metse eo; re e dikadiketse ka marako, le ditora, le mamati le mekwallo; lefatshe e sa ntsane e le la rona, kahobane re batlile Jehova, Modimo wa rona; re mmatlile, mme o re neile phomolo ka nqa tsohle. Ba haha ke hona, mme ba atleha.


Asa o ne a na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a Bajuda, ba hlometseng thebe e kgolo le lerumo, le se seng sa batho ba dikete tse makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a Babenjamine, ba hlometseng thejana, ba fulang le ka seqha; batho bao kaofela e ne e le bahlabani ba bohale.


Hape, a thola banna ba bahale ba ntwa ba dikete tse lekgolo ho Baiseraele, ka moputso wa ditalenta tse lekgolo tsa silefera.


Tsamaisong ya bona ho ne ho na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a metso e supileng tse nang le makgolo a mahlano, ba neng ba futuha ka matla le bohale ba tlatsa morena ho lwantsha dira.


Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome.


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo; wena le Aarone, le tle le bale palo eo ka makgotla a bona;


O tla bea ba bang balaodi ba dikete, le balaodi ba mashome a mahlano; ba bang ba tla mo lemela, ba mo kotulele; ba bang ba tla mo etsetsa dibetsa tsa ntwa, le mesebetsi ya makoloi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ