Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A mpa a se ke a bolaya bana ba bona, jwalokaha ho ngodilwe molaong, bukeng ya Moshe, moo Jehova a laetseng, a re: Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, mme bana le bona ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona, empa e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Empa a se ke a bolaya bana ba babolai bao, a mpa a etsa jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe, moo Morena a laetseng, a re: “Bo-ntata bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona, empa motho ka mong o tla bolaelwa sebe sa hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:4
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Amatsia a phutha Bajuda, mme a ba lokisa ka matlo a bontata bona, a bea balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo hodima Juda le Benjamine kaofela; a bala palo ya ba nang le dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, mme a fihlela banna ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mararo, ba loketseng ntwa, ba tshwereng lerumo le thebe.


Moya o etsang sebe, ke wona o tla shwa. Mora motho eo a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba ntatae, mme motho a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba mora wa hae; ho loka ha ya lokileng ho tla ba hodima hae, bokgopo ba e mobe bo be hodima hae le bona.


Bonang, meya yohle ke ya ka; moya wa ngwana le moya wa ntatae ke ya ka hammoho; moya o etsang sebe ke wona o tla shwa.


Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ