Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ho qala nakong eo Amatsia a neng a lesitse ho latela Jehova, batho ba mo fetohela Jerusalema; a balehela Lakishe, ba mpa ba mo phallela Lakishe, ba mmolaela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Kamora hoba Amasiya a furalle Morena, ba mo kunuta a le Jerusalema, yaba o balehela Lakishe, empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:27
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile ba bang ba mo fetohela Jerusalema, a mpa a balehela Lakishe; yaba ba mo phallela ho fihla Lakishe, ba mmolaela teng.


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


A batla le yena Akasia; ba mo tshwara a ipatile Samaria, ba mo tlisa ho Jehu, mme ba mmolaya. Ba mo epela, ba re: Ke mora Josafate ya kileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae. Mme ha ho a ka ha sala le a mong wa ntlo ya Akasia ya nang le matla a ho rena.


Eitse hobane ba tlohe ho yena, ba mo siile bohlokong bo boholo, bahlanka ba hae ba mo fetohela ka baka la madi a bara ba moprista Jehojada; yaba ba mmolaela diphateng tsa hae, a shwa. A patwa motseng wa Davida, ba mpa ba se ke ba mo pata mabitleng a marena.


Ditaba tse ding tsa Amatsia, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele?


Ba mo bofa hodima dipere, mme ba mo pata ho bontatae motseng wa Juda.


Yaba bahlanka ba hae ba mo fetohela, ba mmolaela tlung ya hae.


Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba feta Libna, ba ya Lakishe, ba emisa pela teng, mme ba o lwantsha.


Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ