Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Joase, morena wa Iseraele, a tshwara Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Joakase, Bethe-Shemeshe, mme a ya le yena Jerusalema; teng a etsa sekgeo se ditswe tse makgolo a mane lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, setloholo sa Jehowakase, mora wa Jowashe. A mo isa Jerusalema, a fihla a heletsa lerako la Jerusalema, ho tloha Kgorong ya Efraime, ho ya fihla Kgorong e Hukung. E ne e le sebaka se ka bang dimethara tse makgolo a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:23
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Akasia, a tshwarwa ke Joase, morena wa Iseraele, Bethe-Shemeshe. Joase a ba a tla Jerusalema, a etsa sekgeo lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou, motopo wa sona e le ditswe tse makgolo a mane.


Ba futuhela Bajuda, ba pholletsa ka naha ya bona, mme ba hapa matlotlo wohle ao ba a fumaneng tlung ya morena, le bara ba hae, le basadi ba hae; ha a ka a sallwa ke bara, haese ke Joakase, e monyenyane ho bara ba hae.


Yaba baahi ba Jerusalema ba bea mora hae e monyenyane, Akasia, morena tulong tsa hae, etswe sera se neng se kene diahelong le Baarabe se ne se bolaile baholwane ba hae bohle; ha ho le jwalo, Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a bewa morena.


A kgutlela Jisreele ho ya phekolwa maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria; mme Asaria, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.


Bajuda ba hlolwa ke Baiseraele, mme ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Hape, Osiase a haha ditora Jerusalema monyakong wa Kou le monyakong wa Kgohlo, le moo lerako le kgutlang teng, mme a di tiisa.


A ipha matla, mme a tsosa lerako lohle le dikgeo, a le phahamisetsa ho le fihlisa ditoreng, mme a haha lerako le leng kantle ho lona; hape a matlafatsa Millo motseng wa Davida, mme a etsa dibetsa tse ngata le dithebe tse ngata.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaalela a koporo, a mo isa Babilona.


le kahodimo ho monyako wa Efraime, le monyako wa Kgale, le monyako wa Dihlapi, le tora ya Kananeele, le tora ya Hammea, ho ya fihla monyakong wa Dinku, mme ba ema monyakong wa Teronko.


Kahoo, setjhaba sa ya lata makala, mme ba iketsetsa metlotlwane, e mong le e mong hodima ntlo ya hae, kapa lebaleng la hae, le mabaleng a ntlo ya Modimo, le lepatlelong la monyako wa Metsi, le lepatlelong la monyako wa Efraime.


Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.


Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao motse o tlang ho hahelwa Jehova ka wona, ho nka toreng ya Hananeele ho isa monyakong wa Kou.


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?


Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ