Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Joase, morena wa Iseraele, a nyoloha, mme ba bonana difahleho le Amatsia, morena wa Juda, Bethe-Shemeshe wa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:21
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, le matla ao a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Amatsia a mpa a se ke a mamela, hobane e ne e le taba e tswang ho Modimo, hore o tle o ba neele matsohong a dira, kahobane ba ne ba batlile medimo ya Edomo.


Bajuda ba hlolwa ke Baiseraele, mme ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna.


le Aine le meraka ya wona, le Jutta le meraka ya wona, le Bethe-Shemeshe le meraka ya wona: metse e robileng mono o le mong melokong eo e mmedi.


Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ