Eitse hobane Amatsia a kgutle ho bolaya Baedomo, a tlisa medimo ya bara ba Seire, mme a ikemisetsa yona, a e etsa medimo ya hae, a kgumama pela yona, mme a e tjhesetsa dibano.
Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,
Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.