Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O itse: Bona, ke hlotse Baedomo! mme pelo ya hao e o kakasitse hore o ithorise. O mpe o dule ha hao jwale; o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 O re o hlotse Baedomo, mme o se o le makokonyana. Itulele ha hao mono! O ratelang ho ikenya tsietsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:19
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Amatsia a mpa a se ke a mamela, hobane e ne e le taba e tswang ho Modimo, hore o tle o ba neele matsohong a dira, kahobane ba ne ba batlile medimo ya Edomo.


Empa eitse hobane a iphe matla, pelo ya hae ya ikakasa ho fihlela a ba a etsa sebe, a sitelwa Jehova, Modimo wa hae; hobane a kena tempeleng ya Jehova a tle a tjhese dibano aletareng ya dibano.


Empa Esekiase ha a ka a busetsa ho Modimo ho lekanang le tshitso e mo tletseng, hobane pelo ya hae e kile ya ikakasa; yaba Jehova o a mo halefela, yena, le Juda, le Jerusalema.


Neko a mo romela manqosa, a re: Ke na le taba efe le wena, morena wa Juda? Ha ke futuhele wena kajeno, ke mpa ke futuhela ntlo eo ke lwanang le yona; Modimo o itse, ke phakise. Lesa, wena, ho hanela Modimo o nang le nna, esere wa o timetsa.


Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.


Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.


Melomo ya sethoto e se kenya diphapang, leleme la sona le mema melamu.


Ke thoriso ho motho ho intsha tsekong; empa lehlanya le phehella ho yona.


Mofetakatsela ya kenang komang tsa ba bang ka bohale, o tshwara ntja ka ditsebe.


Moya o ikgohomosang o butswela dikgang; empa ya tshepang Jehova o tla kgora.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Mme makgotla a hae a tla ikakasa, pelo ya hae e ikgohomose hampe, mme o tla diha mashome a dikete; leha ho le jwalo, a ke ke a hlola.


Bona, moya wa hae o hohomohile, ha o a loka ka ho yena; empa ya lokileng o tla phela ke tumelo ya hae.


Kapa morena ke ofe, ya futuhelang morena e mong, a ke keng a dula pele, a nahana hore na ka batho ba dikete tse leshome le le leng, a ka ya kgahlanyetsa ya tlang ho mo lwantsha ka dikete tse mashome a mabedi na?


hore ho tle ho se ke ha eba nama, leha e le nngwe, e ithorisang pela wona.


pelo ya hao ya ikgohomosa, mme wa lebala Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka;


Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ