Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba bohale ba Jehova bo tukela Amatsia, a mo romela moporofeta e mong; eo a tla, a re: O batletseng medimo ya setjhaba seno e sa kang ya tseba ho namolela setjhaba sa yona matsohong a hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ka baka leo, kgalefo ya Morena ya tlokomela Amasiya, mme Morena a roma moporofeta ho yena, ya ileng a fihla a re: “Ke ka baka lang ha o batlile thuso ya medimo ya baditjhaba, e sitilweng ho namolela beng ba yona matsohong a hao?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:15
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


Empa Eliesere, mora Dodava, wa Maresha, a porofetela Josafate, a re: Erekaha o ikopantse le Akasia, Jehova o se a sentse mosebetsi wa hao. Yaba dikepe di a robeha, tsa sitwa ho ya Tarshishe.


Yaba ba furalla ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata bona, ba sebeletsa diashera le ditshwantsho; mme Jehova a halefela Juda le Jerusalema, kahobane ba ikentse molato kahoo.


Yaba moya wa Modimo o tshwara Sakaria, mora moprista Jehojada; a ema pela setjhaba, a re ho sona: Ho thwe ke Modimo: Le tlolelang melao ya Jehova? Ha le ka ke la atleha. Erekaha le furaletse Jehova, le yena o tla le furalla.


A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho yena, a re: Oho, morena, sera sa Iseraele se se ke sa tsamaya le wena, hobane Jehova ha a yo ho Baiseraele, ke ho re, ha a yo ho bara ba Efraime kaofela ha bona.


Empa moporofeta wa Jehova o ne a le teng, ya bitswang Odede; a tswela ho ya kgahlanyetsa sera se neng se kgutlela Samaria, mme a re: Bonang, Jehova, Modimo wa bontata lona, ka baka la ho halefela Bajuda, o tswa ba neela matsohong a lona; mme le ba bolaile ka bohale bo ileng ba ya fihla le mahodimong.


hobane medimo yohle ya ditjhaba ke ditshwantsho feela, empa Jehova o entse mahodimo.


Phuthehang, mme le tle; atamelang hammoho kaofela, lona masala a ditjhaba. Ha ba na ditaba batho ba jarang mahong a ditshwantsho tsa bona, ba rapelang modimo o sa tsebeng ho boloka.


Medimo ya tsona e jwaloka sefate se setjhitja tshimong ya mahapu, mme ha e bue; e a jarwa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaya. Le se ke la e tshaba, hobane ha e etse hampe, le hona e fela e sitwa le ho etsa hantle.


Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena.


Ho itswe ke Jehova: Bontata lona ba kile ba fumana bokgopo bofe ho nna, ha ba kile ba ya hole le nna, ba tsamaela bosawana, mme ba fetohile bosawana?


Moabe o tla hlabiswa dihlong ka Kemoshe, jwalokaha ntlo ya Iseraele e kile ya hlabiswa dihlong ka Bethele tshepo ya bona.


Empa ke re: Dintho tseo bahetene ba di hlabelang aletareng, ba di hlabela batemona, e seng Modimo: mme ke hana hoba le ka jesana le batemona.


Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.


A re: Le nkile medimo ya ka eo ke e entseng, le moprista wa ka, mme le ile le bona; jwale, ke saletswe ke eng na? Le mpotsa jwang, ha le re: O jewa keng?


Ka re: Le lona le se ke la etsa selekane le ba ahileng fatseng lena, le mpe le heletse dialetare tsa bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka; le etseditseng jwalo?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ