Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eitse hobane Amatsia a kgutle ho bolaya Baedomo, a tlisa medimo ya bara ba Seire, mme a ikemisetsa yona, a e etsa medimo ya hae, a kgumama pela yona, mme a e tjhesetsa dibano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ha Amasiya a kgutla ho tswa timetsa Baedomo, a tla le medimo ya bana ba Seire, a e etsa medimo ya hae, a e kgumamela, mme a e tjhesetsa mokubetso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Teng, Bafilesta ba lahla le ditshwantsho tsa medimo ya bona, mme Davida le banna ba hae ba ya le tsona.


Kamora tseo, Amatsia a romela manqosa ho Joase, mora Joakase, mora Jehu, morena wa Iseraele, a re: Tloo, re ke re tadimane difahleho.


Empa bahlabani ba sera se neng se kgutlisitswe ke Amatsia hore se se ke sa ya ntweng le yena, ba futuhela metse ya Juda, ho qala ka Samaria, le ho isa Bethe-Horone; ba bolaya batho ba dikete tse tharo, mme ba hapa kgapo e kgolo.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova; empa e seng ka pelo e phethehileng.


A hlabela medimo ya Damaseka e mo qhadileng, a re: Erekaha medimo ya marena a Siria e a thusitse, ke tla e hlabela, hore le nna e tle e nthuse. Athe e a mo dihela fatshe, yena le Iseraele kaofela.


o se ke wa ba wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho ya ka diketso tsa yona, o mpe o e fedisetse ruri, mme o robakisise ditshwantsho tsa yona.


Mme motho a be le seo a ka se besang, a fele a rwalle sefate ho ikomosa ka sona, a be a bese mollo, a apehe bohobe ka sona; a iketsetse le modimo ka sona, a ntoo o kgumamela; a betle setshwantsho, a se rapele.


Ha ho ya elellwang, ya nang le temoho ke kelello ya ho re: Ke besitse sekoto se seng mollong, ka mashala a sona ke apehile bohobe ba ka, ka wona ka ba ka besa le dinama tsa ka, ka ja, mme ka se seng nka etsa manyala na? Na nka kgumama pela lekala la sefate na?


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;


Le tla tjhesa ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona; o se ke wa lakatsa, mme o se ke wa inkela silefera, leha e le kgauta tse ho tsona, esere hoo ya eba sefi ho wena; hobane ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ