Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba Amatsia o ikgaohanya le sera se neng se tswile Efraime, hore se kgutlele ha habo sona; empa bohale ba bona ba tukela Bajuda haholo, mme ba kgutlela ha bona ba befile haholo ke bohale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Amasiya a hlwaya lebotho la ba morabe wa Efraime le neng le tlile ho yena, a le kgutlisetsa hae. Ka baka leo, bao ba halefela setjhaba sa Juda haholo, mme ba kgutlela mahahabo bona ba halefile haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:10
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba Iseraele ba fetola banna ba Juda, ba re: Re na le dikarolo tse leshome ho morena, hape, Davida ke wa rona haholo ho lona; le re nyediseditseng hakalo, ha le sa ka la qala ka ho buisana le rona tabeng ya ho lata morena? Mme puo tsa banna ba Juda tsa eba thata ho feta tsa banna ba Iseraele.


Jehova o re: Se futuheleng banababo lona, bana ba Iseraele; ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe la Jehova, ba kgutlela hae ka molomo wa Jehova.


Amatsia a ipha matla, mme a tsamaisa setjhaba sa hae, a ya le sona Thoteng ya Letswai, mme teng a qhala dikete tse leshome tsa bana ba Seire.


Amatsia a re ho monna wa Modimo: Mme ho tla etswang ka ditalenta tseo tse lekgolo tseo ke di neileng sera sa Iseraele? Monna wa Modimo a re: Modimo o na le matla a ho o nea ho fetang hona haholo.


Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ