Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha tumiswa naheng ya Juda le Jerusalema hore ho tliswe ho Jehova lekgetho leo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a le beetse Iseraele a sa le nahathothe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ba phatlalatsa hara naha yohle ya Juda le Jerusalema, hore ho tlisetswe Morena tjhelete ya lekgetho, eo Moshe, mohlanka wa Modimo, a ileng a re Baiseraele ba tle ba e ntshe, ha a ne a le lehwatateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:9
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahosana wohle le setjhaba sohle ba thaba; ba tlisa, mme ba nokela ditjhelete letloleng, ba ba ba qetella ho ntsha.


Yaba morena o bitsa Jehojada, moprista e moholo, a re ho yena: Na ha o a ka wa bona keng hore Balevi ba late Juda le Jerusalema lekgetho le laetsweng ke Moshe, mohlanka wa Jehova, le beetsweng phutheho ya Iseraele, hore le ntshetswe tente ya bopaki na?


Ka selemo sa pele sa Siruse, morena wa Persia, ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia, hore mmusong wohle wa hae a tsamaise tsebiso e ngodilweng, e reng:


Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ