2 Dikronike 24:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)7 Hobane monyefodi eo, Athalia, le bara ba hae, ba ne ba sohlokile ntlo ya Modimo; esita le mesebetsi e halalelang ya ntlo ya Jehova ba ne ba e nkile ho sebeletsa boBaale ka yona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE7 Bara ba Ataleya, mosadi yane ya kgopo, ba ne ba ile ba thua Tempele ya Modimo, le dimpho tsohle tse halalelang tsa Tempele ya Morena, ba di abela tshebeletso ya bo-Baale. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,
o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.