3 Jehojada a mo nkela basadi ba babedi, mme a tswala bara le baradi.
3 Jehoyada a mo nyadisa basadi ba babedi, mme a tswala bara le baradi.
A aha lefeelleng la Parane, mme mmae a mo nkela mosadi fatsheng la Egepeta.
o mpe o ye lefatsheng la heso, le ho ba heso, o nkele mora wa ka Isaaka mosadi teng.
Lemeke a nyala basadi ba babedi; lebitso la e mong e ne e le Ada, lebitso la e mong e le Tsilla.
Empa Jehojada a tsofala, a tlala matsatsi, a ba a shwa; o ne a le dilemo tse lekgolo le mashome a mararo mohla a shwang.
Joase a nna a etsa tse lokileng pela mahlo a Jehova ka ditshiu tsohle tsa moprista Jehojada.
Kamora tseo, Joase a hlahelwa ke kgopolo ya ho lokisa ntlo ya Jehova.