Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Haele ditaba tsa bara ba hae le tse ngata tse porofetilweng hodima hae, le tokiso ya ntlo ya Modimo, bonang, taba tseo di ngodilwe dihlalosong tsa buka ya marena. Mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ha e le taba tsa bara ba hae, le tsohle tseo a ileng a di porofetelwa, le tsa ho lokisa Tempele ya Modimo, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi. Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:27
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Joase, morena wa Juda, o nka tsohle tse kgethetsweng Jehova ke Josafate le Jorame le Akasia, bontatae, marena a Juda, le tse kgethilweng ke yena, le kgauta yohle a fumanweng polokelong ya ntlo ya Jehova le ho ya ntlo ya morena, a di romela ho Hasaele, morena wa Siria; yaba o tlohela ho ya Jerusalema.


Ke bahlanka ba hae, Josakare, mora Shimeathe, le Josabade, mora Shomere, ba mmolaileng; a shwa, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


mora wa hae ke Amatsia, mora wa hae ke Asaria, mora wa hae ke Jothame,


Haele ditaba tse ding tsa Abija, le tseo a di entseng, le mantswe a hae, di ngodilwe bukeng ya dihlaloso tsa moporofeta Iddo.


Haele ditaba tsa Asa, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele.


Haele ditaba tse ding tsa Josafate, tsa ho qala le tsa ho qetela, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Jehu, mora Hanani, e neng e kenngwe bukeng ya marena a Iseraele.


Morena le Jehojada ba ne ba di nea ba tshwereng mosebetsi wa ntlo ya Jehova; mme bona ba ne ba thola dibetli tsa majwe le tsa difate, ho lokisa ntlo ya Jehova, le malala a tshepe le a koporo, ho lokisa ntlo ya Jehova.


Ba mo fetohetseng jwalo e ne e le Sabade, mora Shimeathe, mosadi wa Moammone, le Josabade, mora Shimrithe, mosadi wa Momoabe.


Amatsia a qala ho busa a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Joaddane wa Jerusalema.


Haele taba tse ding tsa Salomone, tsa ho qala ho isa ho tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya Nathane moporofeta, le ho ya boporofeta ba Akija wa Silo, le tshenolong ya seboni Iddo bakeng sa Jeroboame, mora Nebathe?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ