Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba moya wa Modimo o tshwara Sakaria, mora moprista Jehojada; a ema pela setjhaba, a re ho sona: Ho thwe ke Modimo: Le tlolelang melao ya Jehova? Ha le ka ke la atleha. Erekaha le furaletse Jehova, le yena o tla le furalla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: ‘Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:20
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Yaba moporofeta Shemaia o ya ho Roboame le ho dihlooho tsa Juda tse neng di bokanetse Jerusalema ka baka la ntwa ya Shishake, a re ho bona: Jehova o re: Le mphuraletse, le nna ke le furaletse, ke bile ke le neetse matsohong a Shishake.


Jwale, moya wa Jehova wa tlela Jahasiele, mora Sakaria, mora Benaia, mora Jeiele, mora Matthania, Molevi, wa bara ba Asafe, wa mo tshwara hara phutheho.


Ba tlisa mora morena, ba mo rwesa moqhaka le bopaki, ba mmea morena, mme Jehojada le bara ba hae ba mo tlotsa, ba re: Ha ho phele morena!


Leha sera sa Siria se ne se tlile e le sa batho ba seng bakae, leha ho le jwalo, Jehova a neela sera se seholo haholo matsohong a sona, kahobane Bajuda ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona; ha ho le jwalo, Basiria ba phetha dikahlolo hodima Joase.


A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


Ka baka la tseo, bohale ba Jehova bo wetse Juda le Jerusalema hodimo; o ba neetse botubong le tshenyehong le ditshomong, jwalokaha le bona ka mahlo a lona.


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.


Ke mekgwa ya hao le diketso tsa hao tse o hlahiseditseng ntho tseo; ke bolotsana ba hao; ho a baba, ho ntse ho kena ho fihla pelong ya hao.


Mme ha le ka bolela, la re: Ke ka baka lang ha Jehova, Modimo wa rona, a re entse ntho tseo kaofela? o ba arabele ka ho re: Ke hobane le mo hlobohile, le sebeleditse medimo ya ditjhaba lefatsheng la lona; ka baka leo, le tla nne le sebeletse ditjhaba lefatsheng leo e seng la lona.


Makgopo a lona a kgelositse ntho tseo, le hanetswe melemo eo ka dibe tsa lona.


Bao ba hloya ya eletsang kgotla, ba ile ya bolelang tse lokileng.


Yaba Moshe o re: Na ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Jehova jwalo? Hona hoo ho ke ke ha le fetohela molemo.


madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.


ho qala ka madi a Abele, ho qetella ka madi a Sakaria, ya bolailweng mahareng a aletare le tempele. E, ke rialo ho lona, ke re: A tla batlwa ho moloko ona.


Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?


Gideone a apeswa moya wa Jehova, a ba a letsa terompeta, mme Baabiesere ba memelwa ho yena ka mokgosi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ