Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Eitse hobane Jehojada a shwe, mahosana a Juda a tla, a kgumama pela morena; mme morena a a mamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Hoba Jehoyada a shwe, mahosana a Juda a tla boka dikgomo ho kgosi, mme kgosi ya a mamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:17
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Joase, morena wa Juda, o nka tsohle tse kgethetsweng Jehova ke Josafate le Jorame le Akasia, bontatae, marena a Juda, le tse kgethilweng ke yena, le kgauta yohle a fumanweng polokelong ya ntlo ya Jehova le ho ya ntlo ya morena, a di romela ho Hasaele, morena wa Siria; yaba o tlohela ho ya Jerusalema.


A patwa tlung ya Davida hara marena; hobane a ne a etseditse Iseraele le Modimo le ntlo ya wona molemo.


Yaba ba furalla ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata bona, ba sebeletsa diashera le ditshwantsho; mme Jehova a halefela Juda le Jerusalema, kahobane ba ikentse molato kahoo.


Mosebi ya tsamayang a seba, o phunya makunutu; ha ho le jwalo, tshaba ho tlwaelana le ya ntseng a ahlamisa melomo ya hae.


Leleme le leshano le hloile ba hlabilweng ke lona, mme molomo o qekisang o hlahisa tshenyeho.


Ho rorisa lehlanya ke ho tlamella lejwana ka letjeketjaneng.


Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe.


Motho ya qekisang wa habo o tjheha sefi maotong a hae.


Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.


Ka diqeko tsa hae o tla hulela ba tlolang selekane bokwenehing; empa setjhaba sa ba tsebang Modimo wa bona se tla tiya, se sebetse;


Ere ha o fihla teng, o e fumane e fietswe, hape e hlophilwe.


Hobane ke tseba boikgantsho ba hao le molala wa hao o thata. Bonang, ha esita ke sa ntsane ke phela le lona kajeno, le nnile la ikgantshetsa Jehova, le tla ikgantsha haholo hakakang, ha ke se ke shwele!


Mme ke tla phehella hore, leha ke se ke tlohile, le nne le be le se ka le hopotsang taba tseo.


Eitse hobane Gideone a timele, bana ba Iseraele ba boela ba itshela bootswa ka boBaale, mme ba ipeela Baale-Berithe ho ba modimo wa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ