Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 23:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Balevi le Bajuda kaofela ba etsa ka tsohle tse laetsweng ke moprista Jehojada; ba nka e mong le e mong banna ba hae ba tshwanetseng ho kena tshebeletsong ka Sabatha, hammoho le ba tswang ka Sabatha; hobane moprista Jehojada a ne a sa ka a kgutlisa dihlopha tse tswang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 23:8
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Balaodi ba makgotla ba etsa ka taelo tsohle tsa moprista Jehojada, ba nka e mong le e mong banna ba hae ba kenang tshebeletsong ka Sabatha hammoho le ba tswang ka Sabatha, ba tla ho moprista Jehojada.


Ya leshome le metso e robileng meno e le mmedi ya ntsha Hanani; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.


Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;


Banababo bona ba neng ba le metsaneng ya bona, ba ne ba tshwanetse ho tla ho bona kamora tshiu tse supileng, ho ya ka dinako tse beilweng.


Balevi ba tla teela morena hare ka nqa tsohle, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae ka letsoho la hae; mang le mang ya kenang ka tlung a ke a bolawe; le latelle morena ha a kena, leha a etswa.


Moprista Jehojada a nea balaodi ba makgolo marumo le mekoko le dithebe tsa morena Davida, tse leng ka tlung ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ