Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 23:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng diemeng, mme mang le mang ya mo latelang a bolawe ka lerumo; hobane moprista o ne a itse: Le se ke la mmolaela tlung ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Moprista Jehoyada a laela balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntsheng kahara mokgopi! Motho ya tla mo sala morao a bolawe ka sabole!” Moprista Jehoyada o ne a ile a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa ka Tempeleng ya Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 23:14
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba qetile ho hlahisa ditjheso, Jehu a re ho dititimi le ho matona: Kenang, le ba bolaye; ho se ke ha tswa leha a le mong. Ba ba bolaya bohle ka lerumo. Dititimi le matona ba ntoo ba lahlela kantle, mme ba kena le motseng wa ntlo ya Baale.


Ebile moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng liemeng; ya mo latelang, le mmolaye ka lerumo. Hobane moprista o ne a itse: A se ke a bolaelwa tlung ya Jehova.


Le tla teela morena hare, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae ka letsoho la hae, mme ya kenang diemeng a bolawe. Le latelle morena, leha a etswa, leha a kena.


Ha a tadima, a bona morena, a ema pela tshiya ya hae, monyako, le mahosana le ba letsang diterompeta ba eme pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, ho letswa diterompeta, mme dibini di tsamaisa dithoko ka diletsa. Yaba Athalia o hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena, ka tsela ya monyako wa dipere, mme ba mmolaela hona teng.


Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.


Hape, a re ho bona: Silafatsang tempele, le tlatse mabala ka ba bolailweng. Eyang! Yaba ba ya, ba hlabaka motseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ