Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A batla le yena Akasia; ba mo tshwara a ipatile Samaria, ba mo tlisa ho Jehu, mme ba mmolaya. Ba mo epela, ba re: Ke mora Josafate ya kileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae. Mme ha ho a ka ha sala le a mong wa ntlo ya Akasia ya nang le matla a ho rena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Jwale ba tsoma Akasiya ya neng a ipatile Samaria. Ba mo tshwara, ba mo isa ho Jehu. Hoba ba mmolaye, ba mo epela, hobane ba ne ba re: “Ke mora wa Jehoshafate ya neng a sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle.” Ka baka leo, ha se ke ha hlola ho eba le ya mong wa lelapa la Akasiya ya neng a ka busa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 22:9
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A memetsa monna wa Modimo, ya tswang Juda, a re: Ho thwe ke Jehova: Kahobane o ikgantsheditse taelo ya Jehova, o sa ka wa boloka molao wa Jehova, Modimo wa hao, oo a o laetseng wona,


Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo pate; hobane ke yena a nnotshi wa Jeroboame ya tla iswa lebitleng; hobane ke ho yena ho fihletsweng taba e nngwe e ntle ke Jehova, Modimo wa Iseraele, tlung ya Jeroboame.


A ntoo kena, a ja, a nwa; a ba a re: Nkang mosadi yane ya soto, le mo epele, hobane ke moradi wa morena.


Leha ho le jwalo, ho kile ha fumanwa ntho tse ntle ho wena, tsa kamoo o fedisitseng diashera kateng lefatsheng, le kamoo o sekamisitseng pelo ya hao kateng hore e batle Modimo.


Ba futuhela Bajuda, ba pholletsa ka naha ya bona, mme ba hapa matlotlo wohle ao ba a fumaneng tlung ya morena, le bara ba hae, le basadi ba hae; ha a ka a sallwa ke bara, haese ke Joakase, e monyenyane ho bara ba hae.


O ne a le dilemo tse mashome a meraro a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robileng meno e le mmedi a le Jerusalema. A ikela a sa llelwe ke motho, mme a patwa motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a marena.


Empa eitse hobane Jorame a nke mmuso wa ntatae, ha a se a iphile matla, a bolaya banababo bohle ka lerumo le dihlooho tse ding tsa Iseraele.


Eitse ha Jehu a ntse a phetha dikahlolo hodima ntlo ya Akabe, a fumana mahosana a Juda le bara ba banababo Akasia ba sebeletsa Akasia, mme a ba bolaya.


Eitse hobane ba tlohe ho yena, ba mo siile bohlokong bo boholo, bahlanka ba hae ba mo fetohela ka baka la madi a bara ba moprista Jehojada; yaba ba mmolaela diphateng tsa hae, a shwa. A patwa motseng wa Davida, ba mpa ba se ke ba mo pata mabitleng a marena.


Ho qala nakong eo Amatsia a neng a lesitse ho latela Jehova, batho ba mo fetohela Jerusalema; a balehela Lakishe, ba mpa ba mo phallela Lakishe, ba mmolaela teng.


Yaba bahlanka ba hae ba mo fetohela, ba mmolaela tlung ya hae.


Le tla mpatla, le be le mphumane, hobane le tla mpatla ka pelo tsohle tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ