Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 22:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka morero wa Modimo, ketelo ya Akasia ha a etela Jorame ya etswa lebaka la timelo ya hae. Eitse hobane a fihle, ba tswela le Jorame ho ya kgahlanyetsa Jehu, mora Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a timetse ntlo ya Akabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ke ka thato ya Modimo hore leeto lena la Akasiya, la ho tjhakela Jorame, e be sesosa sa ho wa ha Akasiya. Yare a sa le moo, ba tsamaya le Jorame ho ya bona Jehu, mora wa Nimeshi, eo Morena a neng a mo tlotseditse ho timetsa lelapa la Akabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 22:7
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a hana jwalo ho mamela setjhaba; ya eba taba e hlahisitsweng ke Jehova, hore a tle a phethe taba ya hae, eo Jehova a e boleletseng Jeroboame, mora Nebathe ka Akija wa Silo.


Jehova o re: Se futuheleng banababo lona, bana ba Iseraele; ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe la Jehova, ba kgutlela hae ka molomo wa Jehova.


O tlotse le Jehu, mora Nimshi, ho ba morena wa Iseraele; o tlotse le Elisha, mora Shafathe, wa Abele-Mehola, ho ba moporofeta tulong tsa hao.


Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.


Jehu a bolaya le bohle ba setseng Jisreele ba ntlo ya Akabe, le baholo ba ha hae bohle, le metswalle ya hae, le matona a hae, a se ke a mo tlohella le a mong ya salang.


Sebohodi sa pheta sa re: O fihlile ho bona, empa ha a boye; ho kgemisa ha bona eka ho kgemisa ha Jehu, mora Nimshi, hobane o kgemisa ka bohale.


Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.


Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.


A kgutlela Jisreele ho ya phekolwa maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria; mme Asaria, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.


Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


Pelo ya motho e itherela tsela, empa ke Jehova ya tsamaisang maoto.


Ke nna, haesale ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le kgale ke boletse tse esong ho hlahe. Ke re: Morero wa ka o tla tiya, ke tla phetha thato ya ka kaofela.


Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.


Le tla hatakela ba bolotsana, hobane ba tla ba jwaloka molora katlasa bohato ba maoto a lona, tsatsing le tla etswa ke nna, ho bolela Jehova wa makgotla.


Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.


hobane e ne e le Jehova ya thstsfaditseng pelo tsa bona hore ba lwantshe Iseraele, a tle a ba timetse, ba tle ba se ke ba bona mohau, a mpe a ba fedise, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Haele ntatae le mmae, ba ne ba sa tsebe hobane taba eo e tswa ho Jehova; athe Samsone o ne a batla sebaka sa ho lwantsha Bafilesta; hobane mohlang oo, Bafilesta ba ne ba busa Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ