Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 22:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A patwa ho bona ka dilemo tse tsheletseng, ka tlung ya Modimo. Mme Athalia a nna a busa lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosabada a pata Jowashe ka Tempeleng ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 22:12
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Joshabeathe, moradi wa morena, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bara ba morena mohla ba bolawang, mme a mo isa hammoho le moanyesi wa hae kamoreng ya malao. Ka mokgwa o jwalo, Joshabeathe, moradi wa morena Jorame, mosadi wa Jehojada moprista, le kgaitsedi ya Akasia, a mo patela Athalia, a se ke a bolawa.


Ka selemo sa bosupa, Jehojada a ipha matla, mme a hlaba selekane le balaodi ba makgolo, boAsaria, mora Jeroboame, le Ishmaele, mora Johanane, le Asaria, mora Obede, le Maaseia, mora Adaia, le Elishafathe, mora Sikri.


Ha bobe bo phahamiswa hara batho, bakgopo ba itsamaela hohle.


Hobane o tla mpata tabernakeleng ya hae ka matsatsi a mabe, a nkamohele tshirelong ya tente ya hae, a mphahamise hodima lefika.


ke otlwa ka matsatsi wohle, ke lauwa kameso yohle.


Ha ho phahama ba babe, eba batho ba ipata; mohla ba timelang, eba ba lokileng ba ngatafala.


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ