2 Dikronike 21:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)7 Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa ntlo ya Davida, ka baka la selekane seo a neng a se hlabile le Davida, le ka baka la seo a neng a se boletse, a re, o tla nne a mo nee, yena le bara ba hae, lebone ka ho sa feleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE7 Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Empa Joshabeathe, moradi wa morena, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bara ba morena mohla ba bolawang, mme a mo isa hammoho le moanyesi wa hae kamoreng ya malao. Ka mokgwa o jwalo, Joshabeathe, moradi wa morena Jorame, mosadi wa Jehojada moprista, le kgaitsedi ya Akasia, a mo patela Athalia, a se ke a bolawa.