Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 21:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ba futuhela Bajuda, ba pholletsa ka naha ya bona, mme ba hapa matlotlo wohle ao ba a fumaneng tlung ya morena, le bara ba hae, le basadi ba hae; ha a ka a sallwa ke bara, haese ke Joakase, e monyenyane ho bara ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ba futuhela naha ya Juda, ba e hlola. Ba hapa thepa yohle e neng e le ka tlung ya kgosi, ba thopa le bara ba kgosi, le basadi ba yona, hoo Jehorame a sa kang a sallwa ke mora leha a le mong, ha e se Jehowakase, mora wa hae wa lethopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 21:17
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehu a kgahlana le banababo Akasia, morena wa Juda, a re: Le bomang? Ba re: Re banababo Akasia: re theohile ho ya dumedisa bara ba morena le bara ba mofumahadi.


Yaba baahi ba Jerusalema ba bea mora hae e monyenyane, Akasia, morena tulong tsa hae, etswe sera se neng se kene diahelong le Baarabe se ne se bolaile baholwane ba hae bohle; ha ho le jwalo, Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a bewa morena.


A kgutlela Jisreele ho ya phekolwa maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria; mme Asaria, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.


Hobane monyefodi eo, Athalia, le bara ba hae, ba ne ba sohlokile ntlo ya Modimo; esita le mesebetsi e halalelang ya ntlo ya Jehova ba ne ba e nkile ho sebeletsa boBaale ka yona.


Joase, morena wa Iseraele, a tshwara Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Joakase, Bethe-Shemeshe, mme a ya le yena Jerusalema; teng a etsa sekgeo se ditswe tse makgolo a mane lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou.


lona le nkileng kgauta ya ka le silefera ya ka, la ba la isa mesebetsi ya ka ya bohlokwa ditempeleng tsa lona;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Gasa — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba ile le ba hapilweng ba bangata ho ba neela Baedomo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ